Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 29:16 - BIBELE

16 Ke ne ke le ntata bafumanehi, ke le mmuelli wa bao ke sa ba tsebeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 ke ne ke le ntata mofutsana, ke ne ke botsisisa taba ya motho leha ke sa mo tsebe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 29:16
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha monga hae a utlwa dipolelo tsena tsa mosadi wa hae, tseo a di buang ho yena, tse reng: “Mohlanka wa hao o nkentse tjena le tjena,” kgalefo ya hae ya tlokoma.


Kgosi ya re ho mosadi enwa: “Kgutlela ha hao, mme ke tla fana ka taelo mabapa le wena.”


Moredekai o ne a ile a hodisa Hadasa, e leng Esetere, moradi wa malomae. Esetere e ne e le kgutsana, mme e le morwetsana e motle, ya seemo se bohehang. Hoba a shwellwe ke ntatae le mmae, Moredekai a mo hodisa jwalokaha eka ke moradi wa hae.


Ba thesela bafumanehi hore ba suthe tseleng, mafutsana wohle a phela ka ho ipata.


Na ha ke a ka ka llela ba ditsietsing? Moya wa ka ha o a utlwela ba maswabing bohloko?


ho tloha botjheng ba ka ke e hodisitse ke le ntata, ka baballa mohlolohadi ho tloha mohla ke tswalwang,


Na ba lapa la ka ba kile ba re: ‘Ke mang ya sa kang a ja, a kgotsofala?’


Ha ho na moeti ya kila lala thoteng, menyako ya lapa la ka e buletswe batsamai.


Hopola kamoo o rutileng ba bangata kateng, wa matlafatsa matsoho a tepeletse!


Binelang Modimo, rokang lebitso la hae, lokisang tsela ya ya kaletseng maru. Lebitso la hae ke Morena, nyakallang mahlong a hae.


Ba ahlolela batho ka dinako tsohle. Dinyewe tse boima ba di isa ho Moshe, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlola ka bobona.


Tlotla ho Morena ke ho etsa ditaba sephiri, athe tlotla ya dikgosi ke ho phenyaphenya ditaba.


Ya lokileng o hlokomela tokelo tsa bafumanehi, empa ya kgopo yena ha a di natse ka letho.


Ke tla mo apesa seaparo sa hao, ke mo tlame ka senyepa sa hao, le matla a hao a ho busa a be matsohong a hae. Yena e tla ba ntata ho baahi ba Jerusalema le ho ba ntlo ya Juda.


Etsisang Modimo, kaha le le bana ba hae ba ratehang.


wena o batlisise taba ena ka hloko. Haeba e le nnete, mme taba eo e tiile ya hore manyala a jwalo a entswe hara lona,


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ