Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 28:28 - BIBELE

28 “Yaba o re ho motho: ‘Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Wa ntoo re ho motho: Bona, ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke yona kutlwisiso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 28:28
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Akabe o bitsa Obadiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la Akabe, mme a hlompha Morena haholo.


Ho ne ho ena le monna e mong naheng ya Use, lebitso la hae e le Jobo. Monna eo o ne a lokile, a hloka kodi; a tshaba Modimo, a kgesa bobe.


“Ebe jwale bohlale re ka bo fumane kae? Lehae la kutlwisiso lona le fumanwa kae?


“Ebe jwale bohlale bo tswa hokae? Lehae la kutlwisiso lona le hokae?


o ila bona bohlale, a bo hlahloba, a bo leka, a bo ananela.


Qaleho ya bohlale ke ho tshaba Morena, bohle ba sedi ba phela jwalo. O lokelwa ke thoriso kamehla.


Tshwara leleme la hao le se bue tse mpe, le molomo wa hao o se bue leshano.


Na yena ya kgalemelang ditjhaba a ke ke a di otla, yena ya rutang batho bohlale?


Ho tshaba Modimo ke qaleho ya tsebo, empa dithoto di nyedisa bohlale, di nyedisa le tayo.


Thuto ya ya bohlale ke sediba sa bophelo, e phemisa motho maraba a lefu.


Motho ya bohlale o tshaba bobe, o a bo ila, empa sethoto se a tlatselela, se a itshepa.


Tsela ya ba lokileng e kgeloha bobe, ya e hlokomelang o baballa bophelo ba hae.


Sebe se hlakolwa ke lerato le botshepehi; ya tshabang Morena bobe o tla bo phema.


O se ipone o le bohlale, tshaba Morena, o sesefe bobe.


Ho tshaba Morena ke ho hloya bobe, ke hloile boikgohomoso, ke hloile le boikakaso, boitshwaro bo bobe le leshano le tsona ke di hloile.


“Ho tshaba Morena ke qaleho ya bohlale, ho tseba Ya Halalelang ke yona kutlwisiso.


Tsohle jwale di utlwahetse, mme qetello ya taba ke ena: Tshaba Modimo, o boloke melao ya hae, hoba hona ke tshwanelo yohle ya motho.


Itlhatsweng, le itlhwekise, tlosang ketso tsa lona tse kgopo mahlong a ka, le kgaotse ho etsa bokgopo.


“Diphiri tsohle ke tsa Morena Modimo wa rona, empa dintho tse senotsweng ke tsa rona, le tsa bana ba rona kamehla yohle, e le hore re phethe dipallo tsohle tsa Molao ona.”


Ka baka leo, e bolokeng, mme le e phethe, hobane hona ho tla bontsha bohlale ba lona, le kutlwisiso ya lona, mahlong a ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle, mme di re: ‘Ruri setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale, se nang le kutlwisiso.’


Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”


A furalle bobe, a etse botle, a batle kgotso, a e pheelle,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ