20 “Ebe jwale bohlale bo tswa hokae? Lehae la kutlwisiso lona le hokae?
20 Ha ho le jwalo, bohlale bo tswa kae? Le yona kutlwisiso e dutse nqalong efe?
“Ebe jwale bohlale re ka bo fumane kae? Lehae la kutlwisiso lona le fumanwa kae?
Bo patetswe dibopuwa tsohle, bo patetswe le tsona nonyana tse fofang.
“Ke Modimo feela ya tsebang tsela ya bona, ke yena feela ya tsebang habo bohlale,
“Yaba o re ho motho: ‘Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso.’ ”
Ke Morena ya fanang ka bohlale, tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.
Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.
Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.