Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 28:16 - BIBELE

16 Ka kgauta ya Ofire bo ke ke ba rekwa, kapa ka kareneleane le safire ya bohlokwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 kgauta e hlwekileng a Ofire e ke ke ya lekana le jona; bo fetisa onikse le safire.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 28:16
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke kgauta ya Ofire, e etsang boima ba dithane tse lekgolo, le silefera e hlwekisitsweng, e etsang boima ba dithane tse makgolo a mabedi le mashome a mane, e tla manehwa maboteng a Tempele;


Ka kgauta e hlwekisitsweng bo ke ke ba rekwa, kapa theko ya bona ya methwa ka boima ba silefera.


Kgauta kapa mahakwe a ke ke a lekana le bona, kapa ba ananngwa ka mekgabiso ya kgauta.


aparo tsa hao tsohle di nonoditswe ka mmira, le ka lekgala, le ka sente. Matlung a kgabisitsweng ka manaka a tlou ho utlwahala harepa tse o thabisang.


Moleng wa bone e be lejwe la berile, le la kareneleane, le la jasepere. Majwe ao a kenngwe shweshweng e entsweng ka kgauta.


Matsoho a hae a ka meholoko ya kgauta, meholoko e kgabisitsweng ka lejwe la Tarashishe; mmele wa hae o benya sa manaka a tlou, manaka a tlou a kgabisitswe ka disafire.


Ke tla etsa hore motho a hlokehe, sa kgauta e hlwekisitswe, a hlokehe sa kgauta ya Ofire.


“Wena motse o hlokofaditsweng, wa tsukutlwa ke difefo, wa hloka motshedisi, majwe a marako a hao ke tla a hahella hodima sekama, metheo ke e hahe ka majwe a safire.


Mahosana a ne a phatsima ho feta lehlwa, bosweu ba wona bo feta le ba lebese, mmele e le mesehla ho feta mabenyane, bokgabane ba wona e ka ba majwe a safire.


O no phela Edene, rapeng sa Modimo, mekgabo ya hao e le mahakwe a bohlokwa: dirubi, didaemane le ditopase; berile, kareneleane, le jasepere; safire, emeraleda le karanete. Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta, tsena tsohle o no di etsetswe, wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ