Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 28:13 - BIBELE

13 Bohlale ha bo fumanwe fatsheng la ba phelang, ha ho ya utlwisisang bohlokwa ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Motho a ke ke a lekanya bohlokwa ba jona; ha bo fumanwe lefatsheng la ba phelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 28:13
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bodiba bo re: ‘Ka ho nna bohlale ha bo yo!’ Lewatle le re: ‘Le ho nna bohlale ha bo yo!’


Ho molemo ho nna ho ba le Molao o tswang ho wena, ho ena le ho ba le diketekete tsa tjhelete ya kgauta le ya silefera.


Ho tshaba Morena ke ntho e molemo, e ke keng ya fetoha ho isa kgale; dikahlolo tsa Morena ke tsa nnete, kaofela ha tsona di lokile.


Ruri Morena o tla ntswela molemo, a ntswele molemo lefatsheng la ba phelang.


O rata bobe ho ena le botle, le leshano ho ena le nnete.


Ho fumana bohlale ho molemo ho feta kgauta, ho fumana kutlwisiso ho molemo ho feta silefera.


Reka nnete le bohlale le tayo le kutlwisiso, mme o se ke wa ba wa di rekisa.


“Bohlale bo molemo ho feta mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona.


Ka ba ka re: “Ha ke sa tla bona Morena fatsheng la ba phelang, le motho ha ke sa tla mmona hara baahi ba lefatshe.


A kgannwa ka dikgoka, a ahlolwa ntle ho toka, ba leloko la hae ba se ke ba mo natsa. A tloswa hara ba phelang ba fatshe lena, a bolawa ka baka la makgopo a tjhaba sa ka.


Empa ke ne ke tshwana le konyana e iswang moo e tla hlabelwa teng. Ke ne ke sa tsebe hore ba ntherile, ba re: “A re timetseng sefate le tholwana tsa sona; a re mo tloseng lefatsheng, fatsheng la ba phelang, hore bitso la hae le se hlole le sa hopolwa.”


“Elame le yona e teng, mabotho a yona a teetse lebitla la yona hare. Kaofela ha bona ba bolailwe ka sabole, ba theohela Nqalong ya Bafu e ntse le maqai; bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng; jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng mohohlong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ