Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 28:1 - BIBELE

1 “Silefera e na le morafo wa yona, kgauta e na le setshekelo sa yona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Silefera e na le moo e rafshwang teng, kgauta e na le moo e tjhekwang teng, hore e be e hlwekiswe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 28:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Monghadi, ako mmamele. Tshimo eo theko ya yona e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse nne le halofo, hoo ke eng ho rona le wena? Epela bafu ba hao.”


Yare hoba dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta le etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo, le dipetja tsa kgauta tse pedi tsa matsohong, tse etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.


Dinwelo tsohle tsa kgosi Solomone di ne di entswe ka kgauta; le thepa yohle ya ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e entswe ka kgauta e hlwekisitsweng. Ho ne ho se tse entsweng ka silefera, hobane mehleng ya Solomone silefera e ne e sa tadingwe e le letho.


Ba mo opela diatla, ba be ba mo je tlepane, ba mo letsetse molodi ha a tloha lapeng ha hae.”


tshepe yona e tjhekwa e etswa katlasa lefatshe, lethose le fumanwa ka ho qhibidisa moralla.


Morena o re: “Ka baka la ho tujwa ha bahlophehi, le la ho dumaela ha mafutsana, jwale ke kena dipakeng; ke tla ba fa pholoho eo ba e hloretseng.”


Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona e hlwekiswa ka sebopi sa yona; athe dipelo tsona di hlahlojwa ke Morena.


Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona ka seboping sa yona, le motho o ahlolwa ka botumo ba hae.


Bona! ke o hlwekisitse, le hoja e se sa silefera; ke o lekile ka seboping sa matshwenyeho.


Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: ‘Sena ke sona setjhaba sa ka,’ mme sona se tla bolela, se re: ‘Morena ke yena Modimo wa rona.’ ”


Kahoo tumelo ya lona e tla bonahala e le ya sebele, ya bohlokwahadi ho feta kgauta e senyehang, leha le yona e lekwa ka mollo. Tumelo eo e tla le fumantsha thoriso, tlotla le hlompho, mohla Jesu Kreste a bonahatswang,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ