Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 27:19 - BIBELE

19 O robala a ruile e le kgetlo la ho qetela; ere ha a phaphama a tsohe a itlhophere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 o ithoballa a ruile, mme o timela a se a se na letho; o a phaphama, eba tsohle di ile;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 27:19
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lere la bokgosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae, ho fihlela monga lona a fihla, yena eo ditjhaba di tla mo mamela.


Empa motho yena o a shwa, a fellwe ke matla, a neele moya, ebe jwale o kae?


Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?


‘Ha koduwa e etla ya kgopo o a pholoswa, tsatsi la kgalefo le lona o a le phemiswa?’


Ba tuma ka nakwana, ba be ba nyamele, ba theolwe dikalaneng, ba timetswe jwaloka bohle, ba shwe sa diako tsa koro ha di kgaolwa.


Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang.


Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”


Ya mponang jwale, ha a sa tla boela a mpona, etlare ha o mpatla ke be ke le siyo!


Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, malapa a ba kgopo a nyamelle ruri.”


Ba ke ba qhididihe sa kgofu ha e ntse e tsamaya, ba be jwaloka sefolotsana, sona se sa boneng letsatsi.


O se ka itja matla hore o ithuise; eba le bohlale ba ho itshwara.


Ha o re maruo hedi! o tla bona a sa nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele hodimo sa ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng.


A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.


“Jerusalema! Jerusalema! Wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao, jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona, empa wa hana!


Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ