Yaba Jehowakase o rapela Morena, mme Morena a mo utlwa, kaha a ne a bona kamoo Baiseraele ba neng ba hateletswe kateng, hobane kgosi ya Arame e ne e ba hateletse.
Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.
A mo rapela, mme Modimo a rapeleha, a mamela thapelo ya hae, a mo kgutlisetsa Jerusalema, mmusong wa hae. Jwale Manase a tseba hore Morena ke yena Modimo.
Etlare ha o ipiletsa, Morena a o arabe, ere ha o kopa thuso, yena a re: ‘Ke nna enwa.’ “Haeba o fedisa diketso tsa botlatlapi, tsa ho supana ka menwana le ho buisana hampe;
“Ha o etsetsa Morena Modimo wa hao kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane ruri Morena Modimo wa hao, o batla hore o e phethahatse; ho seng jwalo, e tla ba o entse sebe.