19 “Ba lokileng ha ba bona ba a nyakalla, ba se nang molato ba a soma, ba re:
19 Ba lokileng ba bona hoo, mme ba thaba; ya se nang molato o tsheha ka bona, o re:
Hona batho ba lokileng ba ho makaletse, ba se nang molato ba nyatsa ba kgopo;
Ha kotlo e bolaya ka ho tsometsa, O tla tsheha ha ba otlwa ba se molato.
Ba pelo di ntle ba bona hoo, mme ba thaba, empa ba kgopo bona ba thijwa melomo.
Jwaloka lebitso la hao Modimo, thoriso ya hao e fihla jwalo, e fihla jwalo pheletsong tsa lefatshe. Tsoho la hao le letona le tletse toka.
O rata dipuo tse timetsang, wena ya leleme le thetsang!
Etlare ba eso lemohe a ba fothole sa hlabahlabane, a ba fefole sa lehola ka kgalefo, ka kgalefo ya hae e tukang.
Jwale bohle ba tla tshaba, ba bolele mosebetsi wa Modimo, ba utlwisise ketso ya hae.
Sione e utlwile, mme e a thaba, metse ya Juda e a nyakalla, ka baka la dikahlolo tsa hao, wena Morena.
Ha ba lokileng ba atleha motse o a nyakalla, ha ba kgopo ba timela, hara motse ke medidietsane.
Wena lehodimo, le lona bahalaledi, le baapostola, le baporofeta, thabang ke hona, hobane Modimo o le ahloletse ka ho ahlola motse oo!’ ”