Na motho a ka ipata dikgotjheletsaneng, a ipata teng, yaba ha ke mmone?” ho rialo Morena. “Na ha ke fumanwe lehodimong le lefatsheng?” ho rialo Morena.
Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bone seo e mong le e mong wa baholo ba ntlo ya Iseraele a se etsang mafifing, ka kamoreng ya modingwana wa hae? “Ba re: ‘Morena ha a re bone! Morena o furaletse lefatshe!’ ”
Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: ‘Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone.’
Leha ba ka phunyeletsa ho ya fihla Nqalong ya Bafu, tsoho la ka le tla ba ntsha hona moo. Leha ba ka nyolohela hodimo, hodimo mahodimong, le hona moo ke tla ba theola.
Leha ba ka ipata tlhorong ya Karamele, ke tla ba tsoma, ke ba tshware hona moo. Leha ba ka ipatela nna ka mpeng ya lewatle, ke tla laela kganyapa e ba lomele hona moo.
Ka nako eo Jerusalema ke tla e lekola, ke e lekole ke e kgantshitse ka mabone; ke otle bohle ba dutseng ba iketlile, ba kang maritsa a veine a qitile, ba duletseng ho bua ka pelo, ba re: ‘Morena a ke ke be a etsa letho, a ke ke be a etsa botle leha e le bobe.’