27 “Ke tseba ya lona mehopolo, le mano ao le ntherelang wona ke a a tseba.
27 Bonang, ke tseba kamoo le hopolang kateng, le kamoo le nkahlolang kateng ka ho se loke;
Ona ke wona moputso wa ya kgopo, lefa leo a le abetsweng ke Modimo.”
Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?
ba robala ba bapile roleng la lebitla, bobedi ba bona ba nyeunye diboko.
Le ntse le re: ‘Lapa la sekwele jwale le kae? Malapa a ba kgopo wona a kae?’
Kgalefo eo ya hae ya ba ya tlokomela le metswalle ya hae e meraro, hobane leha e ne e nyatsa Jobo, e ne e hloleha ho mo araba.
Yare hoba Morena a qete ho bua mantswe ana ho Jobo, a re ho Elefase ya tswang Temana: “Wena le metswalle ya hao e mmedi ke le halefetse haholo. Ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.
Melao ya hao yohle ke ya nnete; empa bona ba ntlhorisa ka mashano, ako nthuse.
Ke bao ba matla ba bokane, ba ntaletse, le hoja ke se na molato kapa sebe, Morena.
Empa Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a ba araba, a re: “Le hopolang ka dipelong tsa lona?
Ke ntho e ntle ha motho, ka baka la ho tshaba Modimo, a ka mamella mahlomola, a se na molato.