Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 21:20 - BIBELE

20 Kotlo eo e mo tlele a e shebile, kgalefo ya Ya Matla wohle a e habole;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ho bone yena ka mahlo a hae ho wa ha hae, a noswe kgalefo ya Ya matla wohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 21:20
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hoba palo ya kgwedi tsa hae ha e fedile, boiketlo ba lapa la hae ha a sa bo natsa.


‘Ha koduwa e etla ya kgopo o a pholoswa, tsatsi la kgalefo le lona o a le phemiswa?’


O robala a ruile e le kgetlo la ho qetela; ere ha a phaphama a tsohe a itlhophere.


Metsu ya Ya Matla wohle e ntlhabile, mahloko a yona a tjhatjhametsa le moya wa ka, matshabeho a Modimo a nteetse theko!


Modimo, o re lahlile, o re ripitlile; o ne o halefile, empa jwale ako kgutle, o kgutlele ho rona.


Ke Modimo ya ahlolang: O kokobetsa e mong, a phahamise e mong.


Ka letsohong Morena o tshwere mohope o phophomang veine e lomosehileng. O qhatsetsa bohle ba kgopo ba lefatshe; ba a nwa, ba minyeletsa le maritsa.


Tsoha! Tsoha! Ema wena Jerusalema, wena ya nweleng senwelo sa kgalefo, sa kgalefo ya Morena se le atleng sa hae, wena ya minyeletsang maritsa, maritsa a jwala bo tsekedisang batho.


“Motho ka mong o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, e mong le e mong ya jang morara o bodila meno a hae a tla thella.”


Babilona e ne le mokgako wa kgauta tsohong la Morena, mokgako o ila tahisa lefatshe lohle. Ditjhaba di ile tsa nwa veine, veine ya Babilona, jwale tjhaba tseo di fetohile mahlanya!


Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa!


Ere ho bona: ‘Ke hlapanya ka bophelo ba ka, ho rialo Morena; ruri ke tla le etsa ho ya kamoo ke utlwileng le bua kateng.


Ha a phahamisa mahlo a le ditlhokofatsong, Nqalong ya Bafu, a bona Aborahama a le hole, Lasaro a le sefubeng sa hae.


le yena o tla nwa jwala bo qhatseditsweng senwelong sa kgalefo ya Modimo bo sa hlapollwa, e leng jwala ba bohale ba Modimo, mme o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole, kapele ho mangeloi a halalelang, le kapele ho Konyana.


Ka molomong wa hae ho tswa sabole e bohale, eo a tlang ho hlatha ditjhaba ka yona. O tla di busa ka lere la tshepe, a hatikele setlhotlelo sa veine ya kgalefo e tukang ya Modimo ya matla wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ