Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 21:14 - BIBELE

14 Feela ba re ho Modimo: ‘Re hlokomolohe! Ha re lakatse ho tseba ditsela tsa hao!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Leha ho le jwalo, ba re ho Modimo: Tloha ho rona! ha re rate ho tseba ditsela tsa hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 21:14
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

bona ba itseng ho Modimo: ‘Re hlokomolohe! Ya Matla wohle a ka re etsang?’


hobane ba kgaoditse ho mo latela, ha ba a ka ba natsa tsela tsohle tsa hae.


Empa ha ho ya reng: ‘Modimo, Mmopi wa ka, o kae, ya re kgothatsang ka difela bosiu,


Ka pelong ya kgopo o re: “Modimo o a lebala, o ipatile sefahleho, a ke ke a bona letho le kgale.”


Ya kgopo o swenya dinko, o re: “Modimo ha a phetetse, ha ho na Modimo.” Ke phetho seo a se nahanang.


Ka halefela moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka ba ka re: “Ke setjhaba se pelo di kgelohileng, ha se tsebe ditsela tsa ka.”


“Lona ba se nang tsebo, le tla rata ho se be le tsebo ho fihlela neng? Basomi ba thabele ho soma ho fihlela neng? Thoto di hloye tsebo ho fihlela neng?


Kaha ba hloile tsebo, ba ikgethetse ho se tshabe Modimo;


Ho tshaba Modimo ke qaleho ya tsebo, empa dithoto di nyedisa bohlale, di nyedisa le tayo.


Suthang tseleng, le kgelohele kathoko, le kgaotse ho re bolella tsa Ya Halalelang wa Iseraele!”


“Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: ‘Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’


O phela hara batho ba buang leshano, shano la bona le etsa hore ba se ntsebe,” ho rialo Morena.


Tsohle di tshwaswa ka dilope, di tshwaswa ke sera, se be se di tshwase ka letlowa la sona, se nto di hula ka seketswana sa sona, se etse ditlatse tsa nyakallo ha se tshwasitse.


Yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe pela hae, a re ka lentswe le phahameng: “O nkene kang, Jesu Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa!”


Yaba bongata bohle ba tikoloho ya Bagerasa bo kopa Jesu hore a tlohe ho bona, hobane ba ne ba tshohile haholo. A kena ka sekepeng a kgutla.


Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.


Ya thahasellang tsa botho ke sera sa Modimo: Ha a ikokobetse tlasa Molao wa Modimo, etswe o a sitwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ