Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 19:7 - BIBELE

7 Ha ke howa, ke re: ‘Bosoro!’ ha ke arabelwe! Ke howa haholo, empa toka ha e eo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Bonang, le dumaduma hodima bothata boo ke bo etswang, empa ha ke bone karabo; ke howa ka matla, empa ha ho ya nkahlolelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 19:7
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo?


Ke mang ya ka mpuellang ho Modimo jwalokaha ho buellwa motho ho motswalle?


“Ke tseba ya lona mehopolo, le mano ao le ntherelang wona ke a a tseba.


“Ke ipiletsa ho wena, Modimo, empa ha o nkarabe; ke ema kapela hao, empa o ntadima feela!


“Ha ke re ya shwang o otlolla letsoho la hae, ha a llela thuso tlokotsing ya hae?


Ke tsamaya ke nyahame pelo, ho se na lesedi; ke ema hara mokgopi ho ikopela thuso.


“Jobo o re: ‘Nna ha ke na molato, empa Modimo o nkamohile tokelo ya ka.


“Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?


Lefatshe le matsohong a ba kgopo, o kwahela baahlodi ba lona ka lesira mahlong; haeba e se yena, ebe jwale ke mang?


“Modimo hase motho jwaloka nna, ka hona nke ke ka ba ka mo araba, fahleho bobedi tsa thulana re le ka kgotla.


Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O hole le ho mpholosa, ha o utlwe ho dumaela ha ka.


Modimo wa ka, ke ipiletsa le motsheare, empa ha o nkarabe; ke howa le bosiu, ha ke kgutse.


Kamehla ha ke bua ke ye ke howe, ke meketse, ke re: “Moferefere le timelo!” Ka dinako tsohle ke a songwa, ke a nyatsuwa, ka baka la ho bolela lentswe la Morena.


Leha ke bokolla, ke batla thuso, thapelo ya ka ha a e mamele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ