Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”
“O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele.
Morena, Mopholosi wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ka baka la lona ke tla otla Babilona, babalehi bohle ba Bakalatiya ke ba theole, ke ba theole ba balehele dikepeng, dikepeng tseo ba neng ba ikgantsha ka tsona.
Mmopi wa hao ke yena monna wa hao, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae; Ya Halalelang wa Iseraele ke yena Molopolli wa hao, o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.
Empa Mopholosi wa sona o matla, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae, se tla buellwa ke yena nyeweng ya sona. Lefatshe le tla tseba ho fumana phomolo, baahi ba Babilona bona ba hloke kgotso.
Ke ka bona batho bana Henoke, wa moloko wa bosupa ho tloha ho Adama, a ileng a porofeta, a re: “Bonang, Morena o tla le mangeloi a hae a halalelang, a diketekete,