Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 19:14 - BIBELE

14 Bahaeso le bona ba se ba ntahlile, balekane ba ka ba se ba ntebetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Baheso ba itulela thoko, bao e neng e le metswalle ya ka ba ntebetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 19:14
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moqhatsetsi e moholo a se ke a hlola a hopola Josefa, a mo lebala.


Mehleng eo, keletso eo Ahitofele a neng a fana ka yona e ne e nkuwa eka ke boporofeta bo tswang ho Modimo. Dikeletso tsohle tsa Ahitofele di bile jwalo ho Davida le ho Abosalome.


Ho baeti le makgabunyane a lapa la ka, ke tadingwa ke le moeti, ke le molata.


Ba ntshanang se inong le nna ba a nnyonya, ke furaletswe le ke baratuwa ba ka.


Jwale bana babo kaofela, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle ba neng ba tsebana le yena pele ho mona ba tla ho yena. Ba fihla ba eja dijo le yena, ba le ka tlung ya hae, ba mo tshedisa malebana le bobe bohle boo Morena a ileng a mo tlisetsa bona. Motho ka mong wa bona a mo nea tjhelete ya kesita, le reng ya kgauta.


Nna ke sekgobo ho dira tsa ka tsohle, haholoholo ho bao ke ahisaneng le bona, ke koko ho metswalle ya ka, ba mponang ditseleng ba a mpaleha.


Pelo ya ka e otla habohloko, ke feletswe ke matla; mahlo a ka a fifetse.


Metswalle mmotwana e isa motho timelong, wa sebele yena o tshepahala ho feta ngwanabo motho.


Ke utlwa ba bangata ba ntse ba hweshetsa, ba re: “Kahohle ke Matshabeho! Mo hlahatseng! A re mo hlahatseng!” Metswalle ya ka yohle e laletse hore ke fose, e re: “Mohlomong a ka nna thetseha, yaba re tseba ho mo hlola ke hona, ra ba ra tseba le ho iphetetsa ka yena.”


Jerusalema o lla sa mmokotsane bosiu, keledi di keleketla marameng a hae. Hara baratuwa bohle ba hae, ha ho le ya mong ya mo tshedisang. Metswalle ya hae yohle e mo ekile, metswalle e fetohile dira tsa hae.


“Motho o tla neelana ka ngwanabo hore a bolawe, ngwana ka ntatae; bana ba tla fetohela batswadi, ba etse hore ba bolawe.


“Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: ‘Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe,’ a tshwanetse ho phethahala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ