14 Boiketlong ba lapa la hae o a thakgolwa, o kgothelwa pele ho ya ho kgosi ya matshabeho;
14 O tshwarwa setshabelong sa tente ya hae, o hulelwa ho morena wa matshabeho.
Empa mahlo a ba kgopo a tla eba, ba hloke le wona monyetla wa ho pholoha, tshepo ya bona e be ya ho neela moya.”
Tsebe tsa hae di tlala medumo e tshosang, haeka tsohle di ya hantle batupi ba mo hlasele.
Ka lapeng la hae sedi le tla fifala, bone la hae lona le time.
motsu wa sona o yo phunyeletsa mokokotlo, ntlha ya wona e phatsimang e qhale nyooko, matshabeho a lefu a mo aparele kahohle.
Ho wona wohle fifi le tshwana le motsheare, matshabeho a lefifi ho mashodu ke metswalle.
O hahile ntlo e fokola sa bolepo ba sekgo, e tshwana le lephephe la motshosi masimong.
Tsohle tse mabela e di shebela maotong, ke kgosi ya batana tsohle tse ikakasang.”
tshepo ya hae e a thekesela, letshepa la hae le ka bolepo ba sekgo;
Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, malapa a ba kgopo a nyamelle ruri.”
Ya kgopo ha a bona hoo, o a tlallana, o tsikitlanya meno, o a monyela; takatso ya ya kgopo e tla fela.
ka baka la ho hlodiuwa ke dira tsa ka, le ka baka la ho hlapaolwa ke ba kgopo. Ba nneta ka bokgopo, ba ntlhorisa ba halefile.
Letshepa la ba lokileng le hlahisa thabo, athe la ba kgopo lona le a nyamela.
Ya kgopo o fediswa ke bokgopo ba hae, ya lokileng o na le letshepa, esita le lefung la hae.
Ka ho etsa jwalo o lokolotse batho ba neng ba le bokgobeng ba ho tshaba lefu bophelong bohle ba bona.