21 Ke mang ya ka mpuellang ho Modimo jwalokaha ho buellwa motho ho motswalle?
21 hore o emele motho ho Modimo, le ngwana motho ho metswalle ya hae;
nkise kgotla ke tle ke o arabe, o ntumelle ke bue, le wena o nkarabe.
Ke lakatsa ho bua le Ya Matla wohle, ho ipiletsa ho Modimo ke ho tjhesehela haholo.
Ha e le metswalle ya ka e a ntshoma, keledi tsa ka di keleketlela ho Modimo.
“Ho tla feta lemo di le mmalwana, ebe nna ke nka tsela e yang bo-ya-batho.”
“Ekaba ke mang ya tla mmamela! Bonang, mongolo wa ka ke ona! Ya Matla wohle a ke a nkarabe, moqosi wa ka a ngolle nna moqosuwa qoso!
Seo motho a leng sona kgale se tsejwa, kgale ho tsejwa hore motho ke motho; ha ho motho ya ka hwebeshanang, le senatla se mo feta ka matla.
“Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae, yena e leng lengetana hara mangetana! Na letsopa le ka re ho sebopi sa lona: ‘O etsang?’ Na mosebetsi wa hao o ka re: ‘Ha o na tsebo’?
Motho towe, o mang wena o ka arabisanang le Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: “Keng ha o mpopile tjee?”