Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 16:19 - BIBELE

19 Le jwale paki ya ka e lehodimong, mmuelli wa ka le yena o hodimodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Le jwale, bonang, paki ya ka e mahodimong, mme molatoledi wa ka o nqalong tse hodimodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 16:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haeba o ka hlorisa baradi ba ka, kapa haeba o ka inkela basadi ba bang kantle ho baradi ba ka, le hoja ho se na motho ya nang le rona, bona, Modimo ke paki pakeng tsa rona le wena.”


“Oho, wena lefatshe, madi a ka o se ke wa a monya, boipiletso ba ka bo se ke ba kgaotsa!


“Ke a tseba: Mopholosi wa ka o a phela, qetellong o tla ema a mpakele.


“Puso le tshabo di tswa ho Modimo, ke mothei wa kgotso mahodimong a hae a hodimo.


“Kabelo e tswang ho Modimo ke efe? Lefa le tswang ho Ya Matla wohle ke lefe?


Ke mang ya kang Morena, Morena Modimo wa rona, ya dutseng teroneng, teroneng e hodimodimo,


Haleluja! Rorisang Morena, lona ba mahodimong, mo roriseng, lona ba hodimodimo.


Leloko la hae le tla hlola kamehla, terone ya hae e be teng ha letsatsi le ntse le le pela ka;


Modimo eo ke mo sebeletsang ka moya wa ka wohle, ka ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mora wa hae, ke paki ya ka, ya kamoo ke sa phetseng kateng ho le rapella.


Ka Kreste, ke bua nnete, ha ke bue leshano; le letswalo la ka le buswang ke Moya o Halalelang, le a mpakela


Ke ikana ka bophelo ba ka! Modimo a ka mpakela hore e ne e le ka ho le qenehela, ha ke sa ka ka kgutlela Korinthe.


Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya bokwang kamehla yohle, o a tseba hore ha ke bue leshano.


Modimo ke paki ya kamoo ke le hlolohetsweng kateng ka lerato le kang la Kreste Jesu.


Lona le dipaki, le Modimo ke paki ya kamoo lona ba dumelang re ileng ra le tshwara kateng ka mokgwa o halalelang, o lokileng, o sa nyatseheng.


Kamoo le tsebang kateng, ha re a ka ra tla ho lona ka maleme a monate, le ka meharo. Modimo ke paki.


Samuele a re ho bona: “Kajeno Morena ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki ya hore ha le a fumana ke nkile letho.” Setjhaba sa re: “Morena ke paki!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ