Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 16:17 - BIBELE

17 leha matsoho a ka a sa fuparela bokgopo, le thapelo ya ka ho Modimo e hlwekile.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Leha ho le jwalo, ha ke pate letho le sa lokang letsohong la ka, thapelo ya ka e hlwekile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 16:17
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

haeba o lahla sebe seo o se kwetlileng, o sa dumelle bobe ho phela tlung ya hao;


“Ya kgopo o kgwebethwa ke letswalo, le mo kgwebetha ka tshiu tsohle tsa hae, mohatelli le yena le a mo kgwebetha, le mo kgwebethe ka lemo tsohle tsa bophelo ba hae.


“Ba kgopo ba ke ke ba ba le ditloholo, mollo o tla tjhesa matlo a ba phelang ka tjotjo.


“Oho, wena lefatshe, madi a ka o se ke wa a monya, boipiletso ba ka bo se ke ba kgaotsa!


molomo wa ka o ke ke be wa bua bokgopo, leme la ka le ke ke be la bolela bohata.


‘Nna ke hlwekile, ha ke na sebe, ke hlatswehile, ha ke na bokgopo,


Thapelo ya Davida. Morena, ako utlwe thapedi ya ka, o mamele sello sa ka; o sekehele thapelo ya ka tsebe, hobane e tswa molomong o se nang mano.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Bolepo ba bona bo ke ke ba fetoha diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka tseo ba di etsang. Mesebetsi ya bona ke mesebetsi e kgopo, ka ketso tsa bona ba tsosa moferefere.


Empa motho a apare tse mahwashe, esita le yona phoofolo. Motho e mong le e mong a ipiletse ka matla ho Modimo, a furalle metsamao ya hae e kgopo le diketso tsa hae tsa dikgoka.


Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ