Yare ha Akabe a utlwa mantswe ana, a hahola diaparo tsa hae, a apara tse mahwashe, a itima dijo, a robala a ntse a apere tse mahwashe, a tsamaya a siame.
Anna a rapela, mme a re: “Pelo ya ka e nyakalletse Morena, ke tsoha molota ka ba ka la Morena; molomo wa ka o tseba ho soma dira tsa ka, hobane ke nyakaladitswe ke topollo ya hao.
Dira tsa Morena di tla tamukanngwa, ha Radiphahama a thwathwaretsa a le lehodimong; Morena o tla ahlola batho bohle, a matlafatse kgosi ya hae, a tsose Motlotsuwa wa hae, a mo tsose molota!”