26 O mo kgorohela a sataladitse molala, thebe e shahlileng a e utlile ka mallela.
26 o o nehella ka molala o sataletseng, tlasa mokokotlo wa thebe ya hae;
“Wena, Juda, bana beno ba tla o rorisa, tsoho la hoa le tla kgama dira tsa hao; bana beno ba tla kgumama kapele ho wena.
Ka nako ya ditsietsi tsena tsa hae, yena kgosi Akase eo a sitelwa Morena le ho feta.
hoba o kokoseditse Modimo letsoho, o iketsa senatla ho Ya Matla wohle.
“Le hoja a le fahleho se matlebele, theka la hae le le maphethephethe,
Ke ne ke iketlile, ke mona o ntshuhlamantse, a mphamola ka molalana, yaba o a mpidila, a ntlhoma ho ba sekgopi sa metsu ya hae.
O mmatlafaletsa ntwa, ba ntwantshang o ba bea tlasa ka.
le se ke la kgantsha matla hakaalo, kapa la bua le sataladitse melala.’ ”
Faro a re: “Morena eo ke mang, eo ke tshwanelang ho mamela lentswe la hae, ebe ke lokolla Baiseraele? Nna ha ke tsebe Morena; ebile ha nka ke ka lokolla Baiseraele!”