Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 15:21 - BIBELE

21 Tsebe tsa hae di tlala medumo e tshosang, haeka tsohle di ya hantle batupi ba mo hlasele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 mokgosi o duma ditsebeng tsa hae, mme leha ho sa iketlilwe, o hla a bona mosenyi ya mo welang hodimo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 15:21
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o ne a ile a etsa hore lebotho la Baarame le utlwe eka ho na le lerata la dikariki tsa ntwa, le lekitikiti la dipere, le modumo wa lebotho le leholo. Ke ha ba buisana, ba re: “Bonang, kgosi ya Iseraele e hirile dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baegepeta ho tla re lwantsha.”


Esetere a re: “Mohlorisi eo, le sera seo se re hloileng, ke Hamane enwa ya kgopo!” Hamane a tshoha hoo kgosi le mofumahadi ba ileng ba lemoha.


matshwenyeho le mahloko a mo kenya letswalo, a mo pupetsa sa kgosi e kgatheng la ho futuha,


Matshabeho a lefu a mo tshosa kahohle, hohle moo a yang teng a mo salame.


Boiketlong ba lapa la hae o a thakgolwa, o kgothelwa pele ho ya ho kgosi ya matshabeho;


Meharo ya hae ha e a siya le pala, boiketlo ba hae ke ba nakwana;


Ke kahoo maraba a o potapotileng kahohle, tshabo e tsometsang e o hlokisang boiketlo,


Ho wona wohle fifi le tshwana le motsheare, matshabeho a lefifi ho mashodu ke metswalle.


Tsietsi di mo wela hodimo jwaloka sekgohola, fefo se mo fefola bosiu ha ho robetswe.


Motho wa lewatla a ke ke a e tseba, sethoto se ke ke sa e utlwisisa.


Se tshajwang ke ya kgopo se tla mo wela hodimo, empa takatso ya ya lokileng e tla phethahatswa.


Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau.


“Lona tjhaba sa ka, aparang tse mahwashe, le be le ipitike hara molora; le lle se bohloko sa mmokotsane, le lle jwalokaha eka le llela mora ya mong, hoba motimetsi o tla futuha, a futuhe ka ho tsometsa.”


“ ‘Ha e le masalla a lona, ke tla a etsa makwala naheng ya dira tsa wona. A tla tshoha difotle, a phaphathehe jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang.


Hape le se ke la dumaduma, jwalokaha le ba bang ba bona ba ile ba dumaduma, mme ba timetswa ke Motimetsi.


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Di ne di buswa ke kgosi eo e leng lengeloi la mohohlo o se nang pheletso, le bitswang Abadone ka Seheberu, athe ka Segerike lebitso la lona ke Apoleone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ