Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 15:20 - BIBELE

20 “Ya kgopo o kgwebethwa ke letswalo, le mo kgwebetha ka tshiu tsohle tsa hae, mohatelli le yena le a mo kgwebetha, le mo kgwebethe ka lemo tsohle tsa bophelo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Motho ya bolotsana o tshwenyeha ka matsatsi wohle a ho phela ha hae; motubi o phela ka tsietsi ka dilemo tsohle tsa hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 15:20
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.”


bona bao naha e neng e abelwe bona feela, ho se molata o jakileng hara bona.


matshwenyeho le mahloko a mo kenya letswalo, a mo pupetsa sa kgosi e kgatheng la ho futuha,


“Na Ya Matla wohle tsatsi la kahlolo ha a le tsebe? Ba mo sebeletsang nako ya lona ba a e tseba?


“Seo Modimo a se abetseng ya kgopo, lefa leo Ya Matla wohle a le abetseng ya sehloho, ke lena:


Kahoo re rute ho bala ditshiu tsa rona, pelo tsa rona di tle di hlalefe.


Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu.


Re a tseba hore, ho fihlela jwale, dihlodilweng tsohle di fehelwa hammoho, mme di utlwa bohloko bo kang ba pelehi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ