17 “Thea tsebe, o mamele, ke o manollele, ke o bolelle tseo ke di boneng ka mahlo a ka;
17 Ke tla o ruta, o mmamele; ke tla o bolella seo ke se boneng;
“Tsena tsohle ke di bone ka mahlo a ka, ka tsebe tsa ka ka di utlwa, ka di utlwisisa.
a ka tshepa motho jwang, a le manyala, a tletse podile, a momorotsa bokgopo sa metsi a mophoko?”
tse boletsweng ke banna ba bahlalefi, ba di bolela ba sa pate letho, ba bolela tseo ba di utlwileng, ho baholoholo ba bona;
“Ka baka lena, ke a o rapela, Jobo: Ako mamele polelo ya ka, mantswe a ka wohle o a sekehele tsebe.
“Lona bahlalefi mamelang polelo tsa ka! Lona bo-tsebanyane theang tsebe le mmamele!
“Bea butle ho se hokae, nke ke o bontshe: Polelo tse emelang Modimo di sa le teng.
“Tsena di fupuditswe, ho fela ho dutse jwalo; di utlwe, o di tsebe, o di fole molemo.”