16 Empa jwale mehato ya ka o a e bala, sebe sa ka ha o kgaotse ho se natsa;
16 Empa jwale, o bala mehato ya ka, o hlokometse dibe tsa ka.
Ha ke etsa sebe o ntadima ka le ntjhotjho, o ke ke wa ntokolla molatong wa ka.
Ha e le moo o tswile bosele ho tsoma bokgopo ba ka, o batla, o batlisisa le sebe sa ka?
Maoto a ka a tlamilwe ka mahlaahlela, tselana tsa ka tsohle o a di lekola, bohato ba maoto a ka o a bo thaleha.
Modimo tsela tsa ka o a di bona, le mehato ya ka yohle o a e bala.
Maoto a ka o a tlamile ka mahlaahlela, tselana tsa ka tsohle o a di lekola.’
“Mahlo a hae a disitse metsamao ya batho, mehato yohle ya batho le yona o a e bona.
Ba sotha dipuo tsa ka kamehla, merero yohle ya bona e ntswalla bobe.
Tsela tsohle tsa motho Morena o a di bona, metsamao yohle ya hae le yona o a e lekola.
Merero ya hao e meholo, diketso tsa hao di matla. Mahlo a hao a bona diketso tsohle tsa batho, mme o putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae, le ho ya ka ditholwana tsa mesebetsi ya hae.