Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 13:24 - BIBELE

24 Ke hobaneng ha o mpatela fahleho sa hao, o ntadima ke se ke le sera sa hao?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 O patelang sefahleho sa hao? O ntadimelang jwaloka eka ke sera ho wena?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 13:24
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha hlooho ya ka e phahama o tla ntsoma jwaloka tau, o ntlhokofatsa ka ho nketsetsa dimakatso.


O tlisa paki tse ntjha ho nnyopisetsa bopaki, le kgalefo ya hao e ntlokomela ho feta, mara a hao a mphutuhela ka mekgahlelo.


Ke tla re ho Modimo: ‘Se ke be wa nkahlola; mpolelle tseo o nqosang ka tsona.


Ya ntlhoileng, ka kgalefo o a ntlepolaka, o ntsikitlanyetsa meno a hae; sera sa ka se ntjheba ka mahlo a ntjhotjho!


Ke tlokomelwa ke kgalefo ya hae, yena o ntadima ke le sera sa hae;


Le ntlhorisetsang jwalokaha Modimo a ntlhorisa? Ha le kgotsofale ha ke hlepholeha dinama?


O mphuthuhela o se na mohau, tsoho la hao le matla le a ntwantsha.


“Ekaba ke mang ya tla mmamela! Bonang, mongolo wa ka ke ona! Ya Matla wohle a ke a nkarabe, moqosi wa ka a ngolle nna moqosuwa qoso!


empa jwale Modimo o mpea dibato, o ntadima ke le sera sa hae.


Morena, o emelang hole hakaalo? O ipatelang nakong ya matshwenyeho?


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Tsoha, Morena, o robaletseng? Tsoha, o se ke wa re lahlela ruri!


O patetseng sefahleho sa hao? O lebaletseng ho hlopheha ha rona le ho hatellwa ha rona?


Empa nna ke lla ho wena Morena, thapelo ya ka e fihla ho wena e sa le hoseng.


Ha e le nna ke tshepile Morena, yena ya patileng sefahleho sa hae, a se patela ntlo ya Jakobo; ke yena eo ke tla mo lebella.


Morena o ka sera sa rona, Iseraele o e ripitlile, a ripitla matlo wohle a dikgosi tsa yona. Qhobosheane tsa yona a di heletsa, a atisa bofifi le dillo tsa Moradi wa Juda.


‘Ke tla ba patela fahleho sa ka,’ ha rialo Morena, ‘ke bone na ba tla fella kae; ke moloko o kgelohileng, wa bana ba hlokang botshepehi.


Feela le se mo nke e le sera, empa le mo kgalemele e le ngwanabo lona.


Yaba Samuele o re: “Ke ka baka lang ha o mpotsa ha e le moo Morena a o furaletse, a fetohile sera sa hao?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ