Yaba ba foufatsa banna ba neng ba le monyako wa ntlo, ba banyenyane le ba baholo, hoo ba bileng ba kgathala ke ho nna ba phopholetsa hore na lemati le hokae.
Fatshe le tla thekesela, le kapeye sa letahwa, le tsokotsehe sa lephephe la molebedi; dibe tsa lona di tla le imela haholo, ebe le a wa, ha le hlole le tsoha hape.
Re phopholetsa mabota jwaloka batho ba difofu, re phopholetsa tsela jwalokaha eka ha re na mahlo, re kgothometseha hara motsheare wa lengeta jwalokaha eka ke ka shwalane; hara ba phelang rona re jwaloka bafu.
Jwale, bona, letsoho la Morena le a o otla: o tla foufala, o se ke wa bona letsatsi ka nako e itseng.” Hanghang mohodi le lefifi tsa mo aparela, mme a nna a phopholetsa ho batla ya ka mo tataisang ka letsoho.
O tla phopholetsa e le motsheare, jwalokaha sefofo se phopholetsa lefifing, mme ha ho letho leo o tla atleha ho lona. O tla hatellwa, o amohuwe tsa hao kamehla, empa ha ho ya tla o namolela.