Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 12:24 - BIBELE

24 babusi ba ditjhaba a ba amohe meelelo, a ba lelerise mahwatateng ho se na tsela,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 O tlosa kutlwisiso ho marena a ditjhaba; o ba dikadikisa dibakeng moo tsela e leng siyo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 12:24
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

baeletsi ba mmakgonthe a ba fetole dimumu, maqheku wona a a amohe meelelo.


kelello tsa bona o di thithibantse, kahoo o se ka ba ba thusa, ba hlola.


Ba ne ba phaila lefeelleng, ba phaila lehwatateng, ba sa fumane tsela e yang motseng oo ba ka ahang ho wona,


A theolela nyediso ho mahosana, a a sollisa lehwatateng moo ho seng tsela.


O se ke wa ba bolaya, esere tjhaba sa heso sa lebala; o ba qhale ka matla a hao, o ba dihe, wena Morena, thebe ya rona.


Bona ke boporofeta malebana le Egepeta: Bonang Morena o tla Egepeta, o tla a kaletse leru le potlakileng, medimo ya bohata ya Egepeta e thothomela pela hae, Baegepeta le bona ba tlalwa ke tshabo.


Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle. Dibatana tsa naha di ne di itshireletsa moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona, le dibopuwa tsohle di phela ka sona.


“Ha ke ntse ke robetse diphateng tsa ka, ke ile ka bona leqosa le halalelang le theoha lehodimong.


Pelo ya hae ya botho e fetohe, e fetohe e be ya phoofolo, lemo tse supileng di fete a le jwalo.


Ka yona nako eo, se neng se boleletswe Nebukadenesare sa phethahala, a lelekwa hara batho, a ja jwang jwaloka dikgomo, mmele wa hae wa lalwa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela mohwete wa hae o hola jwaloka masiba a ntsu, le manala a hae a eba jwaloka dinala tsa nonyana.


“Efraime ke leebanakgorwana, leebanakgorwana le sethoto, o ipiletsa ho Egepeta, a nto ya ho Asiria.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ