Tadimang ho ntata lona, ntata lona Aborahama, le tadime le ho Sara ya le belehileng. Ha ke bitsa Aborahama o ne a se na ngwana, ka mo hlohonolofatsa, ka ba ka mo anafatsa.
Lelapa le lenyenyane le tla ngatafala e be dikete, setjhaba se fokolang sona se matlafale, nna Morena, ke tla potlakisa sena, ke se potlakise ka nako ya sona.”
Baahi ba yona ba tla bina dithoko, mehoo ya thabo le yona e utlwahale. Palo ya bona ke tla e eketsa, mme ha ba ka ke ba fokotseha. Ke tla be ke ba tlisetse tlotla, ba ke ke ba hlola ba nyediseha.
Jwalokaha dinaledi tsa lehodimo di ke ke tsa balwa, le lehlabathe la lewatle le ke ke la balwa, ka mokgwa o jwalo ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, ke atise le palo ya Balevi ba ntshebeletsang.”