E mong wa bahlanka ba kgosi, a re: “Ha a yo, monga ka, kgosi ya ka! Ke Elisha, moporofeta wa Iseraele, ya bolellang kgosi ya Iseraele seo o se buang ka lekunutu.”
a o senolela phiri tsa bohlale ba hae, hore bohlale ba sebele bo mehlahlwe-mengata. Tseba Modimo o a o leballa, o o leballa tse ding tsa tshito tsa hao!
Ya entseng Selemela le Makolobe, a fetola lefifi a le etsa meso, a fifatsa motsheare a o etsa bosiu, a bitsa metsi a lewatle a a nesa hodima lefatshe, lebitso la hae ke Morena.
Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.