Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 12:19 - BIBELE

19 baprista o ba tlosa ba se na le nketlana, dinatla tsona a di theole tulong tsa tsona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O isa baprista kgolehong ba hlobodisitswe, o diha ba matla;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 12:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O nkamohile boitlhompho ba ka, o nthodisitse le mofapahlooho,


“Ke hobaneng ha ba kgopo ba phela, ba tsofala, ba bile ba matlafala?


le hoja o no le matla, fatshe o le ruile, batho ba o tlotla, o phela ho lona.


Ka matla a hae Modimo o lelefatsa bophelo, o lelefatsa bophelo ba bo-ramonatla, ba ka tsitsa, tshepa la ho phela lona ha le yo.


Ka ho panya ha ntshi ba shwa le hara bosiu, tjhaba se hlokolehe, bona ebe ba iketse; natla di nyamele di sa angwa ke letsoho la motho!


O thuakanya bo-ramonatla ho se na nyewe, tulong tsa bona ebe o bea ba bang.


Dillo tsa mafutsana ba di fihlisitse ho yena, dillo tsa bahlomohi Modimo o a di utlwa.


“Batho ba lliswa ke ho hatellwa haholo, ba llela ho namolelwa kgokeng tsa ramonatla.


Mahosana o a etsa mafeelafeelane, babusi ba fatshe lena a ba fetole lefeela.


“Morena o bua tjena ho motlotsuwa wa hae, e leng Siruse eo ke utlileng tsoho la hae le letona, hore a kokobetse tjhaba tse kapele ho yena. Nna ke tla amoha dikgosi matla a ho lwana, ke bule mamati a kapele ho yena, menyako ya wona e se hlole e kwalwa.


Yare ha ba tlisa dikgosi tsena ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Baiseraele, a re ho baokamedi ba bahlabani ba neng ba ile le yena: “Tloong, le tlo hata dikgosi tsena melaleng.” Ba tla, ba hata dikgosi tseo melaleng.


Dikgosi tsena tsohle, le dinaha tsa tsona, Joshua a di hapa ka nako e le nngwe, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o ne a lwanela Baiseraele.


Di tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla di hlola, hobane yona ke Morena wa marena, le Kgosi ya dikgosi. Ba bitsitsweng, ba kgethilweng, ba tshepahalang, le bona ba tla hlola hammoho le yona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ