18 O lokolla mahlaahlela a dikgosi a bohatelli, mathekeng a tsona a kgaole maqhama a puso;
18 o roba molamu wa marena, o tlama matheka a wona ka mehala.
O soma mahosana, a a teole, a kokobetse boikalatiso ba mahosana;
ke phomotse le dikgosi le matona a kwano, bao mehaho ya bona e leng mabitla,
Kahoba Modimo a mphokodisitse, a ntshotlile, ha ba sa itshwara leha ba le pela ka.
Ruri, Morena, ke mohlanka wa hao, mora wa lekgabunyane la hao; o tlamolotse ditlamo tsa ka.
Ha ho le ya mong wa bona ya kgathalang, a kgothometsehe, ha ho leqhama le kgwehlileng thekeng, ha ho lerapo la moqathatso le kgaohileng.
Dinako le mehla di fetolwa ke yena, o diha dikgosi a ba di hlomamise; bahlalefi ba hlalefiswa ke yena, ba nang le kutlwisiso a ba abele tsebo.
Johanne o ne a apara seaparo se entsweng ka boya ba kamele, a itlama ka leqhama la letlalo thekeng; dijo tsa hae e ne e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naha.
Hodima seaparo sa hae, le hodima serope sa hae, ho ngotswe lebitso lena: “Kgosi ya dikgosi, le Morena wa marena.”