Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 11:20 - BIBELE

20 Empa mahlo a ba kgopo a tla eba, ba hloke le wona monyetla wa ho pholoha, tshepo ya bona e be ya ho neela moya.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Empa mahlo a ba bolotsana a tingwa, ba hloka setshabelo; tshepo e ba saletseng ke ho neela moya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 11:20
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya ekang motswalle ho fumana moputso, bana ba hae ba tla lebella mahlo a ba kgathale.


Boiketlong ba lapa la hae o a thakgolwa, o kgothelwa pele ho ya ho kgosi ya matshabeho;


o puputlele ho yena o se na mohau, e be lekgerakgara ha a leka ho o baleha.


Letshepa la moetsadibe ke lefe, mohla Modimo a mo amohang bophelo?


Ba labalabela lefu, ha le ba fihlele, ba le batla le ho feta letlotlo, patuwe.


Ba thaba ka thabo e fetisisang, ba nyakalle ha ba kena ka lebitleng.


“Haeba nkile ka hanyetsa kopo ya mofutsana, eba mohlolohadi o lebeletse, mahlo a ba kgathala;


Ha ho na lefifi le letsholetsho, moo baetsadibe ba ka tsebang ho ipata.


Modimo a kgahlwa ke ho mphetshela, a nkisa letsoho, a ntimetsa.


Ha moya wa ka o imetswe, wena o tseba tsela ya ka. Tseleng eo ke tsamayang ho yona ba ntjhehetse sefi.


Ke qahilwe tebetebeng ya seretse, ha ho moo nka hatang teng, ka hata ka tsitsa. Ke fihlile kweetseng, maqhubu a nkwahetse.


Se tshajwang ke ya kgopo se tla mo wela hodimo, empa takatso ya ya lokileng e tla phethahatswa.


Letshepa la ba lokileng le hlahisa thabo, athe la ba kgopo lona le a nyamela.


Haeba motho a rohaka ntatae kapa mmae, bone la hae le tla tingwa hoja ho le lefifi.


Badisa ha ba ka ke ba fumana setshabelo, beng ba mohlape le bona ba sitwe ho phonyoha.


Re tonne mahlo ra ba ra kgathala, ra lebella thuso, ra se ke ra e bona! Re lebeletse re le hodima ditora, ra lebella tjhaba se sitwa ho re pholosa!


le nna ke tla etsa jwalo ho lona, ke le hlorise ka lefu la lefuba, le la feberu le foufatsang, le le fedisang. Le tla lemela ntataselala, hobane dira tsa lona di tla ja dijalo tsa lona.


Ba lebelo ba ke ke ba phonyoha, matla a diqhobane a ke ke a di thusa, le mohlabani a ke ke a ipholosa.


Hara ditjhaba tseo le ke ke la fumana boiketlo, le maoto a lona a tla hloka moo a ka hatang teng. Morena o tla etsa hore dipelo tsa lona di tshwenyehe, mahlo a lona a fifale, meya ya lona e hlomohe.


Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ