Ke lefeela ha le tsoha kameso, kapa le dieha ho robala, le itjella bohobe boo le bo fumanang ka thata, athe yena o fa baratuwa ba hae ba ntse ba ithobaletse.
Morena o bua tjena: “Matlotlo a Egepeta le thepa ya kgwebo ya Kushe, le banna ba diqhobane ba naha ya Sheba, ba tla ineela ho wena e be ba hao; ba hulane kamora hao ba tlanngwe ka mahlaahlela. Ba tla o obamela, ba o rapele, ba re: ‘Ruri Modimo o na le wena, ha ho Modimo e mong ntle ho yena.’ ”
Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.
Setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se fetoha lelobelo la baditjhaba, le dibatana tsa naha di ke ke tsa se harola. Se tla itulela ka kgotso ho se motho ya se tshosang.
“ ‘Ke tla le nea kgotso lefatsheng, mme le tla ithoballa, ho se letho le le tshwenyang. Dibatana tse harolang ke tla di fedisa lefatsheng, le ba lwanang ka sabole ba ke ke ba hlasela naha ya lona.
Motho ka mong o tla phomola tlasa morara wa hae, a phomole tlasa sefate sa hae sa feiye; ha ho le ya mong ya sa tla ba tshosa, hobane Morena wa mabotho o boletse jwalo.
Masalla a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, leha e le hona ho bua mashano; a ke ke a thetsa ka maleme a wona. Masalla ao a tla fula, a bothe, ho se na ya ka hlolang a a tshosa.”
“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.