Ke etsa selekane sa ka le lona: Ha ho ka ke ha hlola ho timetswa batho ka morallo wa metsi. Hape ha ho ka ke ha hlola ho eba le morallo wa metsi o tla timetsa lefatshe.”
“O se ke wa tshaba, o ke ke wa hlajwa ke dihlong, se tshabe ho tlontloloha, o ke ke wa nyenyefatswa. O tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao, ha o sa tla hlola o ho hopola.
“Ho nna tsena di tshwana le tsa mehleng ya Nowe, ha ke ne ke hlapanya ke re: Morallo o ke ke wa eba teng hape; kahoo ke hlapanya hore nke ke ka hlola ke o halefela, nke ke ka hlola ke o kgalema.
Ya kopang tlhohonolofatso mona lefatsheng, o tla kopa ho hlohonolofatswa ke Modimo wa nnete; ya hlapanyang mona lefatsheng, o tla hlapanya ka Modimo wa nnete, hobane tsietsi tsa pele di tla be di lebetswe, le mahlong a ka di se di patehile.”
Mosadi ha a beleha o utlwa bohloko, hobane nako ya hae e fihlile, empa ha a se a belehile, ha a sa hlola a hopola bohloko ba pelehi, ka baka la thabo ya hore ho tswetswe motho lefatsheng.