Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 52:33 - BIBELE

33 Jehoyakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara ha a le tjhankaneng, a jela tafoleng e le nngwe le kgosi ka matsatsi wohle a ho phela ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Yaba Jojakine o hlobola diaparo tsa hae tsa teronko; a nna a ja dijo pela morena ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 52:33
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Faro a re ho tliswe Josefa, mme ba phakisa ba mo ntsha tjhankaneng. Josefa a beola ditedu, a apara diaparo disele, yaba o tliswa kapele ho Faro.


Jwale Faro a ntsha lesale la hae la monwana, a le kenya monwaneng wa Josefa; a mo apesa diaparo tse entsweng ka lesela la lene, mme a mo rwesa sekgama sa kgauta molaleng.


Yaba Mefiboshete o aha Jerusalema, a nna a ja le kgosi, le hoja a ne a holofetse maoto a mabedi hakaalo.


Davida a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane ruri ke tla o etsetsa molemo ka baka la ntatao Jonathane. Ke tla o buseletsa naha yohle ya ntataomoholo Saule, mme ke tla o fepa kamehla.”


“Ha e le bana ba Barasilai wa Mogileade, bona o ba etse hantle, e be ba bang ba ba jang le wena, hobane ba ile ba nkgauhela ha ke ne ke baleha ngwaneno Abosalome.


Jehoyakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara ha a le tjhankaneng, mme a jela tafoleng e le nngwe le kgosi ka matsatsi wohle a ho phela ha hae.


Ako nkutlwe, Morena, mme o nkgauhele; Morena, ako be mothusi wa ka!”


Lengeloi la bua le ba neng ba eme kapele ho lona, la re: “Mo hlobodiseng diaparo tsena tse ditshila!” La nto re ho Joshua: “Bona, ke fedisitse bokgopo ba hao, mme ke tla o apesa diaparo tse ntlentle.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ