Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 52:31 - BIBELE

31 Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mehlano, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng, sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa kgoleho ya Jojakine, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, ka la mashome a mabedi a metso e mehlano la kgwedi, Evile-Merodake, morena wa Babilona, selemong seo a qadileng ho busa ka sona, a emisa hlooho ya Jojakine, morena wa Juda, a mo ntsha teronkong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 52:31
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora matsatsi a mararo Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o busetse mosebetsing wa hao, mme o tla nea Faro senwelo sa hae letsohong jwaloka pele, ha o ne o le moqhatsetsi wa hae.


Jwale ka letsatsi la boraro, leo e neng e le letsatsi la tswalo ya Faro, Faro a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete. A ntsha moqhatsetsi e moholo le moapehi e moholo tjhankaneng, moo bahlanka ba hae ba ntseng ba bona.


hoba Modimo o kokobetsa baikakasi, baikokobetsi bona a ba pholose.


Jwale ke tla phahamela dira tsa ka tse ntikileng, ke tla etsa mohoo wa thabo ha ke nyehela, ha ke nyehela ka mahlabelo ka tenteng ya hae, ke bine, ke roke Morena.


ba bangata ba buang ka nna, ba re: “Modimo ha a na ho mo pholosa.”


Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana.


Kgosi Sedekiya, mora wa Josiya, a etswa kgosi ya Juda ke Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo nea setulo sa Koniya, mora wa Jehoyakime.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ