Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 52:25 - BIBELE

25 Hona motseng moo, a ba a thopa molaodi ya neng a okametse bahlabani, le banna ba supileng, bao e neng e le baeletsi ba kgosi, a thopa le mongodi e moholo eo e neng e le molaodi wa mabotho, ya neng a hlabela setjhaba sa naha eo mokgosi, le banna ba mashome a tsheletseng ba baahi ba naha eo, bao a ba fumaneng ba ntse ba le moo motseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Hape, a nka motseng molebedi e mong ya neng a beilwe ho hlahloba bahlabani, le banna ba supileng ho ba neng ba ema pela morena, ba ileng ba fumanwa motseng; le mongodi wa molaodi wa makgotla, ya neng a mema setjhaba sa lefatshe; le banna ba mashome a tsheletseng ba setjhaba sa lefatshe ba ileng ba fumanwa hara motse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 52:25
4 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hona motseng moo a ba a thopa molaodi ya neng a okametse bahlabani, le banna ba bahlano, ba bao e neng e le baeletsi ba kgosi, bao a fumaneng ba ntse ba le moo motseng. A thopa le mongodi e moholo wa molaodi wa mabotho, ya neng a hlabela setjhaba sa naha eo mokgosi, le banna ba mashome a tsheletseng ba baahi ba naha eo, ba neng ba le teng moo motseng.


Bao e neng e le diphatho tsa kgosi ke bana: Kareshena, le Shetare, le Ademata, le Tarashishe, le Merese, le Maresena, le Memukane, e leng mahosana a supileng, a tswang Peresiya le Media, wona matona a neng a ema kapele ho kgosi, mme e le wona a ka sehloohong mmusong.


Yaba Baruke o bala mantswe a Jeremia bukeng eo, yena a le ka Tempeleng ya Morena, ka kamoreng ya Gemariya, mora wa Shafane, eo e neng e le mongodi wa puso. Kamore ena e ne e le lebaleng le kahodimo, kgorong ya Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. A a bala moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.


“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ