Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 52:20 - BIBELE

20 Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshehetso tseo kgosi Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Haele ditshiya tse pedi, le letsha le le leng, le dikgomo tse leshome le metso e mmedi tsa koporo, tse neng di le tlasa lona, le didulo tse neng di etseditswe ntlo ya Jehova ke Salomone, koporo ya mesebetsi eo kaofela e ne e se na ho lekanngwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 52:20
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tanka e ne e eme hodima mekokotlo ya dipholo tse leshome le metso e mmedi, tse tharo di tadimile leboya, tse tharo di tadimile bophirimela, tse tharo di tadimile borwa, tse tharo di tadimile botjhabela. Tanka e ne e beilwe hodima mekokotlo ya tsona, di furallane.


Dintho tsena tsohle Solomone a se ke a di bea sekaleng, hobane di ne di le ngata haholo; le boima ba lethose bo ne bo sa tsejwe.


Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka, le ditshehetso tseo Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa.


“Ke se ke ikgathaditse haholo, ke bokeletse kgauta e boima ba dithane tse ka bang dikete tse tharo le mashome a mane bakeng sa Tempele ya Morena, le silefera e boima ba dithane tse ka bang dikete tse mashome a mararo a metso e mene, le lethose, le tshepe, e leng dintho tse ke keng tsa lekanngwa ka baka la bongata ba tsona. Ke se ke bokeletse le difate le majwe. Dintho tsena o ka nna wa di eketsa.


Solomone o ile a etsa dintho tsena di le ngata; le boima ba lethose leo di entsweng ka lona bo ne bo ke ke ba lekanngwa.


Ditshiya tsa lethose, le ditshehetso tsa tsona, le tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, tsena di ne di le ka Tempeleng ya Morena, mme Bakalatiya ba di pshatla, ba nka lethose la tsona, ba le isa Babilona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ