Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 52:12 - BIBELE

12 Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ka kgwedi ya bohlano, ka la leshome la kgwedi, e leng ka selemo sa leshome le metso e robileng mono o le mong sa Nebukadresare, morena wa Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, ya neng a sebeletsa morena wa Babilona, a tla Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 52:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bamidiane ba rekisa Josefa Egepeta, ho Potifaro, tona ya Faro le mookamedi wa balebedi.


Jehoyakine, kgosi ya Juda, a tswa motseng, a ya ineela ho kgosi ya Babilona, a ena le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le bahlanka ba hae ba mahaole. Kgosi ya Babilona ya mo thopa ka selemo sa borobedi sa puso ya yona.


Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema.


Kahobane bo-ntata rona ba ne ba halefise Modimo wa mahodimo, o ile a neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare wa Mokalatiya, kgosi ya Babilona, ya ileng a senya Tempele ena, mme a thopa setjhaba, a se isa Babilona.


Ka re ho kgosi: “Kgosi a e ke e re phelele! Ke tlamehile ho hlora, hobane motse oo mabitla a bo-ntate a leng ho wona, o fetohile lesupi, mme mamati a wona a tjhesitswe ka mollo.”


Pesalema ya Asafo. Morena, baditjhaba ba kene, ba kene hara lefa la hao, ba silafaditse Tempele, Tempele ya hao e halalelang, ba fetotse Jerusalema lesupi.


la mo fihlela hape mehleng ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda; la nna la mo fihlela jwalo ho isa selemong sa leshome le motso o mong sa puso ya Sedekiya, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, mme ka kgwedi ya bohlano ya sona selemo seo, baahi ba Jerusalema ba thopuwa.


Bakalatiya ba futuhetseng motse ona, ba tla fihla ba o tjhese ka mollo, hammoho le matlo ao beng ba wona ba nkgalefisitseng ka ho tjhesetsa Baale mokubetso hodima marulelo a matlo ao a bona, le ka ho etsetsa medimo esele nyehelo ya dino.


Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a fana ka taelo malebana le Jeremia, a re ho Nebusaradane, molaodi wa balebedi:


Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, a ba isa Babilona hammoho le ba neng ba ile ba ineela ho yena, le masalla wohle a setjhaba.


Bahlabani bohle ba Bakalatiya, ba neng ba ena le molaodi wa balebedi, ba heletsa marako a potapotileng Jerusalema.


Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya hae a thopa batho ba makgolo a robedi le mashome a mararo a metso e mmedi, e le batho ba tswang Jerusalema.


Ka selemo sa boraro sa puso ya Jehoyakime, kgosi ya Juda, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema, a e etsetsa thibella.


Yaba Daniele o araba ka bohlale le ka kelello, o bua le Arioke, molaodi wa balebedi ba kgosi, ya neng a tswile ho ya bolaya bahlalefi ba Babilona.


“Morena wa mabotho o bua tjena: Ha ho itingwa dijo ka kgwedi ya bone, le ka kgwedi ya bohlano, le ka ya bosupa, le ka ya leshome, e tla ba matsatsi a thabo le a nyakallo, e be mekete e monate ho ba ntlo ya Juda. Kahoo ratang nnete le kgotso.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ