Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 51:62 - BIBELE

62 Jwale wena o re: ‘Oho, Morena, o itse o tla timetsa sebaka sena, e le hore ho se be motho ya ka phelang ho sona, kapa phoofolo, se tle se fetohe nanaola ya kamehla yohle.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

62 o re: Oho Jehova, bakeng sa nqalo ena, o boletse hore e tla ripitlwa, e se hlole e eba le moahi, leha e le motho, leha e le kgomo; empa e nne e be lefeella ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 51:62
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Etlare ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, ke otle kgosi ya Babilona le setjhaba sa yona ka baka la bokgopo ba yona, naha ya Bakalatiya ke e fetole nanaola ya kamehla yohle,’ ho rialo Morena.


ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.


“Morena wa mabotho a bua tjena: Naheng ena eo e leng nanaola, e se nang batho leha e le diphoofolo, le metseng yohle ya yona, ho tla boela ho eba le metebo, moo badisa ba tla bothisa mehlape ya bona teng.


mma lona o tla hlabiswa dihlong haholo, yena ya le belehileng o tla tlontloloha; e tla ba tjhabana se nyedisehang hara ditjhaba, a fetohe lefeella, letswatlare le lehwatata.


Ka baka la hobane Morena a halefile, Babilona ha e ka ke ya eba le baahi, e tla fetoha nanaola kahohlehohle. Bo-mofeta-ka-tsela ba tla e makalla! Ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona!


Tjhaba se tswang leboya se tla e futuhela, se fetole naha ya Babilona e be nanaola. Ha ho na ya tla phela ho yona, ho tla baleha batho le diphoofolo.”


Lefatshe le a reketla, le a meneka, Morena o tsitsisitse morero wa hae wa Babilona, morero wa hore naha ya Babilona a e falatse, a e falatse ho se be ya ka phelang ho yona.


Babilona e tla ba qubu ya masupi, e fetohe lehae la diphokojwe; e tla fetoha sesomo, e nyedisehe, e be baka seo ho se nang baahi ho sona.


Metse ya Babilona e ripitlilwe, naha e fetohile sekaka le lehwatata, naha e se nang baahi le batsamai.


Jeremia a re ho Seraya: “Ha o fihla Babilona, hlokomela hore mantswe wohle o a bale.


Ke tla o fetola letswatlare ho isa kgale, metse ya hao e fetohe dithako. Kahoo o tla tseba hore ke nna Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ