Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 51:50 - BIBELE

50 “Lona ba phonyohileng sabole, tsamayang, le se ke la dikadika! Hopolang Morena le le naheng e hole, le nahane le yona Jerusalema.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

50 Lona ba phemileng lerumo, tlohang, le se ke la ema; hopolang Jehova le sa le hole, Jerusalema a ke a hlokomelwe ke dipelo tsa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 51:50
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Rapellang Jerusalema e be le kgotso: “Ba o ratang ba ke ba atlehe.


Tswang Babilona, le balehe Bakalatiya! Phatlalatsang tsena ka mehoo ya thabo, le di phatlalatse ho ya pheletsong tsa lefatshe, le re: “Morena o lopolotse Jakobo, mohlanka wa hae.”


Balopollwa ba Morena ba tla kgutla, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla yohle e be mefapahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisapelo wona a ba tlohele.


Hlohlora lerole le ho wena, wena Jerusalema, o eme, o dule teroneng, wena Jerusalema. Kgaola mahlaahlela a molaleng wa hao, wena moradi wa Sione, o leng mothopuwa.


“Iketsetseng matshwao a tsela, le itlhomele mekolokotwane, le hlokomele mmila oo le tsamayang ho wona. Kgutla, wena morwetsana, Iseraele, kgutlela metseng eo e leng ya heno.


Empa ba mmalwana, ba tlang ho phonyoha, ba tla tswa naheng ya Egepeta, ba kgutlele naheng ya Juda, mme masalla a Juda, a ileng a ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng, a tla tseba hore na ha e le lentswe la ka kapa lentswe la bona, ke lefe leo e leng nnete.


“Tswang kahara Babilona le balehe, tlohang naheng ya Bakalatiya, le be jwaloka podi tse etellang mohlape pele.


“Lona tjhaba sa ka, tswang motseng oo, motho ka mong a ke a ipholose, a balehe kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.


“Bohle balehang naheng ya Babilona! Se timetsweng ka baka la bokgopo ba yona! Nako ena ke ya hore Morena a iphetetse, a putse Babilona ka mokgwa o phethehileng.


Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona.


Banna bao ba phutheha, mme ba fumana Daniele a ntse a rapela, a etsa thapedi ho Modimo wa hae.


Ka boela ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: “Tswang Babilona, lona setjhaba sa ka, esere la ba le kabelo dibeng tsa yona, kapa la fumana karolo ya dikotlo tsa yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ