Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 51:42 - BIBELE

42 Lewatle le phuthumanehetse hodima Babilona, maqhubu a lona a befileng a e kwahetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Lewatle le tlile Babilona, o apesitswe ke ho dumaduma ha maqhubu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 51:42
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Madiba a mawatle a bonahala tlasetlase, metheo ya lefatshe ya phetleha, ha ho omana wena Morena, ha ho foka moya o tswang ka nkong tsa hao.


Ke ipileditse ho Morena ya lokelang ho roriswa, mme ka pholoswa direng tsa ka.


Moya wa ka o nyahame; ke kahoo ke o hopolang Modimo, ke le naheng ya Jorodane, le thabeng tsa Heremone, le thabaneng ya Misare.


Ka matla a hao o hlomile dithaba, o bontsha bonatla ba hao;


Dinoka di a tlala, Morena, dinoka di a hwasa, dinoka di a duma.


Bona ke boporofeta malebana le lehwatata le pela Lewatle: Jwaloka ditsokotsane tse ferellang naheng ya Borwa, ya futuhang o tla hlaha a etswa lehwatateng, a hlahe a etswa naheng, naheng ya matshabeho.


Morena o timetsa Babilona, o fedisa lerata le leholo motseng; ba e futuhetseng ba hwasa sa metsi a lewatle, ho utlwahala mokgosi wa bona wa ntwa.


Kahoo Morena Modimo o bua tjena: ‘Wena Tire ke tla o futuhela, ke o bitsetse ditjhaba tse tswang hole, di o lwantshe, jwalokaha lewatle le akgotsa maqhubu a lona.


Bara ba kgosi eo ya Siria ba tla hlomela, ba kgobokanye mabotho a mangata, a maholo, a tla tla ka sekgahla jwaloka morallo, a futuhele qhobosheane ya ba direng.


Daniele a bua, a re: “Bosiu, ponong ya ka, ke ile ka bona sefefo se matla, se tswang diqoleng tse nne tsa lefatshe, se tuduanya lewatle le leholo.


Hoba ho fete dilemo, lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, motlotsuwa wa Modimo o tla bolawa a se molato. Mabotho a kgosana e nngwe e tlang ho tla, a tla timetsa motse le Sehalalelo sa wona. Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo, ntwa e hlabane ho fihlela e ba e lala, nanaola e rerilweng ke Modimo yona e sale.


“Ho tla ba le dipontsho letsatsing, kgweding, le dinaleding. Lefatsheng ditjhaba di tla ba matswalong le tsielehong ka baka la modumo wa lewatle le maqhubu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ