Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 51:31 - BIBELE

31 Baromuwa ba rongwa ba sa tswa rongwa, maqosa le wona a salana morao, ho isetsa kgosi ya Babilona ditaba: Motse wohle wa yona o so hapilwe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Barongwa le manqosa ba teana le barongwa ba bang le manqosa a mang, ho ya tsebisa morena wa Babilona hobane motse wa hae o kenwe ka nqa tsohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 51:31
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka taelo ya kgosi, maqosa a ya hohle naheng ya Iseraele le ya Juda, a isa mangolo a tswang ho kgosi le ho mahosana a yona, a reng: “Lona bana ba Iseraele, kgutlelang ho Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, mme le yena o tla kgutlela ho masalla a lona a phonyohileng matsohong a dikgosi tsa Asiria.


Moredekai a ngola lebitsong la kgosi Ahashuerushe, mme mangolo ao a a tiisa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana. Mangolo ana a romellwa ka maqosa a palameng dipere tsa kgosi, tsa madi, tse lebelo.


Maqosa a palameng dipere tsa kgosi, tsa madi, tse lebelo, a palama ka potlako, a kgannwa ke taelo ya kgosi. Taelo ena ya phatlalatswa le Shushane, tlung ya kgosi.


“Tshiu tsa ka di lebelo ho feta semathi, di baleha di eso bone molemo;


Koduwa di fihla ka ho latellana, hobane fatshe lohle le senyehile; hanghang tente tsa ka di a senyeha, masira a tsona a tabohe ka ho panya ha ntshi.


“Bolelang le phatlalatse hara ditjhaba, phahamisang mokgele, le phatlalatse, le se pate letho, le bolele, le re: ‘Babilona e tla hapuwa, Bele wa modingwana a hlabiswe dihlong, Maraduke wa modingwana a tlale tshabo. Medimo ya bohata e tla hlabiswa dihlong, medingwana ya Babilona e tlale tshabo.’


Wena Babilona ke o tjhehetse leraba, la ba la o tshwasa o sa le ela hloko; o ile wa fumanwa, mme wa hapuwa, hobane o ile wa lwana, wa lwantshana le Morena.


Kgosi ya Babilona e utlwetse tsa setjhaba seo, matsoho a yona a leketlile ke ho tepella; e tshwerwe ke mahlaba a ho tlallwa, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung.


Madiboho a dinoka a hapilwe, diqhobosheane di tuka malakabe, bahlabani bona ba kenwe ke tshabo!”


Hona bosiung boo, Beleshasare, kgosi ya Bakalatiya, a bolawa,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ