Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 51:29 - BIBELE

29 Lefatshe le a reketla, le a meneka, Morena o tsitsisitse morero wa hae wa Babilona, morero wa hore naha ya Babilona a e falatse, a e falatse ho se be ya ka phelang ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Lefatshe le a sisinyeha, le a thekesela, hobane morero wa Jehova o etsahalla Babilona ho fetola lefatshe la Babilona lesupi feela, le se nang moahi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 51:29
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ba o bonang ba tla o makalla, ba o tadimisise hantle, ba re: ‘Na eo ke yena monna ya ileng a sisinya lefatshe, ya neng a etsa hore mebuso e thothomele;


Fatshe le tla thekesela, le kapeye sa letahwa, le tsokotsehe sa lephephe la molebedi; dibe tsa lona di tla le imela haholo, ebe le a wa, ha le hlole le tsoha hape.


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


Ka baka la hobane Morena a halefile, Babilona ha e ka ke ya eba le baahi, e tla fetoha nanaola kahohlehohle. Bo-mofeta-ka-tsela ba tla e makalla! Ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona!


E supile baporofeta ba bohata, baporofeta ba Babilona! Baporofeta bao ba tla fetoha dithoto. Bahlabani ba Babilona le bona e ba supile, bahlabani bao ba thothomela ke tshabo!


Kgosi ya Babilona e utlwetse tsa setjhaba seo, matsoho a yona a leketlile ke ho tepella; e tshwerwe ke mahlaba a ho tlallwa, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung.


Ka baka leo, utlwang diqeto tsa Morena, diqeto tseo a di etseditseng baahi ba Babilona: Batjha ba setjhaba ba tla hulanngwa, ka baka la bona naha ya bona e senngwe.


Fatshe le tla reketla ha ho utlwahala, ho utlwahala hore Babilona e se e hapilwe: Sello sa yona se tla utlwahala hara baditjhaba.


Lejwe la mantlha le ke ke la nkuwa ho wena, kapa lona lejwa la ho etsa motheo, hobane o tla fetoha nanaola kamehla yohle,” ho rialo Morena.


Hlophisang ditjhaba di futuhele Babilona, dikgosi tsa Bamede le di meme, le meme babusi le bahlanka ba tsona, le dinaha tsohle tseo ba di busang.


Babilona e tla ba qubu ya masupi, e fetohe lehae la diphokojwe; e tla fetoha sesomo, e nyedisehe, e be baka seo ho se nang baahi ho sona.


Metse ya Babilona e ripitlilwe, naha e fetohile sekaka le lehwatata, naha e se nang baahi le batsamai.


Ho kgorohla ha pere tsa Sera ha utlwahala, ha utlwahala ho etswa Dane, naha yohle ya thothomela ha e utlwa ho tsetsela ha pere tsa dishoqopa, hoba di tlile ho tla timetsa naha, ho timetsa le tsohle tse leng ho yona: Motse le baahi bohle ba wona.”


Ha botho lena le kgoroha, fatshe le a reketla, mahodimo le wona a tsukutlehe; letsatsi le kgwedi di a fifala, dinaledi di kgaotse ho phatsima.


“Na naha yohle ha e na ho thothomela, le bohle ba ahileng ho yona ba bokolle? Naha yohle e tla kokomoha, e kokomohe jwaloka Nile, e be e nne e hlokolehe, e nto bohlela jwaloka noka ya Egepeta.


La howa ka lentswe le matla, la re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo! E fetohile leaho la bademona, setshabelo sa meya yohle e ditshila, le sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse hloyehang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ