Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 51:27 - BIBELE

27 “Phahamisang mokgele le hara naha! Letsang lenaka hara ditjhaba! Hlophisang ditjhaba di futuhele Babilona, le meme mebuso ena e e futuhele: Ararate le Mini le Ashekenase. Kgethang molaodi ya tla e futuhela, le romele dipere tse kang boiyane ba ditsie.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Emisang folaga lefatsheng, le letse terompeta ditjhabeng, le mo tsosetse ditjhaba, le mo memele mebuso ya Ararate, ya Minni, le ya Ashkenase, le bee balaodi ba makgotla ho mo lwantsha; atametsang dipere, di ke di nyolohe jwaloka ditsie tse mohlahla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 51:27
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ke bara ba Gomere: Ashekenase, le Rifate, le Togarema.


Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, areka ya dula hodima dithaba tsa Ararate.


Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.


Bana ke bara ba Gomere: Ashekenase, le Rifate, le Togarema.


Lona baahi bohle ba lefatshe, lona ba ahileng lefatsheng, tadimang ha mokgele o phahamiswa dithabeng, mamelang ha lenaka le lla.


Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.


Bakalatiya le bona ba tla sebeletsa ditjhaba tse ngata le dikgosi tse matla, ke ba otle ho ya ka diketso tsa bona le mesebetsi ya matsoho a bona.’ ”


Moru wa Egepeta ba tla o kgethula,” ho rialo Morena, “ba o kgethule leha o opane haholo, hobane ba feta le ditsie ka boiyane, palo ya bona hase e ka ba ya balwa.


“Bolelang le phatlalatse hara ditjhaba, phahamisang mokgele, le phatlalatse, le se pate letho, le bolele, le re: ‘Babilona e tla hapuwa, Bele wa modingwana a hlabiswe dihlong, Maraduke wa modingwana a tlale tshabo. Medimo ya bohata e tla hlabiswa dihlong, medingwana ya Babilona e tlale tshabo.’


Tjhaba se tswang leboya se tla e futuhela, se fetole naha ya Babilona e be nanaola. Ha ho na ya tla phela ho yona, ho tla baleha batho le diphoofolo.”


Ke tla etsa letsoso hara naha tse matla, hara naha tse matla tsa ka leboya, di futuhele Babilona, di ikentse kgokanyana phiri. Di tla thulana le yona thekong ya ntwa, e hapuwe ke tjhaba tse hlahang ka leboya. Metsu ya tsona e tla ka mohlabani ya masene, ya sa ke be a kgutle ntweng a se na kgapo.


Phahamisang mokgele hodima marako a Babilona! Matlafatsang balebedi ba motse! Beang dibohodi, le bee le balalli, hobane Morena o tla phetha morero wa hae, morero oo a soketseng baahi ba Babilona ka wona.


Morena wa mabotho o se a ikanne: Ke tla tlatsa batho hara naha ya hao, bongata ba bona bo lekane le ba ditsie; ba tla o hlabela mekgosi ya ho o hlola.”


Hlophisang ditjhaba di futuhele Babilona, dikgosi tsa Bamede le di meme, le meme babusi le bahlanka ba tsona, le dinaha tsohle tseo ba di busang.


“Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya.


“Phatlalletsang ditjhaba hona, le re: ‘Hlomellang ntwa! Bitsang bahale! Bahlabani bohle ba ke ba atamele, ba atamele, ba tlo futuha!


Ha lenaka le palaola hara motse na setjhaba ha se ke se thothomela? Ha koduwa e wela motse hodimo, na hase Morena ya tlisitseng koduwa eo?


Ke tla bokella ditjhaba tsohle ho tla lwantsha Jerusalema; motse ona o tla haptjwa, matlo a lobelwe, le basadi ba betwe. Halofo ya baahi ba motse e tla thopuwa, empa masalla a bona a tla nne a be teng motseng ona.


Bamidiane ba ne ba ye ba nyolohe le mehlape ya bona, le ditente tsa bona, ba tle jwaloka boiyane ba ditsie. Palo ya bona le ya dikamele tsa bona e ne e ke ke ya balwa, mme ba fihle naheng eo ba e falatse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ