Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 51:24 - BIBELE

24 “Ke tla fedisa Babilona le baahi bohle ba yona moo le ntseng le bona, ka baka la diphoso tsohle tseo ba di etseditseng Sione,” ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Empa ke tla busetsa ho Babilona le ho baahi kaofela ba Kalde bobe bohle ba bona, boo ba ileng ba bo etsa Sione pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 51:24
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke hobaneng ha baditjhaba ba tla re: “O kae Modimo wa bona?” A re ke re bone ka mahlo a rona ha o phetetsa madi a bahlanka ba hao, madi a tsholotsweng ke baditjhaba.


“Kgobokanang kaofela, le mamele: Ke modingwana ofe o boletseng tsee e sa le pele? Ya ratwang ke Morena o tla phetha thato ya Morena, thato eo a e phethe hodima Babilona, tsoho la hae le lwantshe Bakalatiya.


ho phatlalatsa selemo sa Morena, lemo sa mehauhelo, le letsatsi la phetetso ya Morena wa rona, le ho tshedisa bohle ba leng bofifing;


Utlwang morusu o tswang kahara motse! Utlwang lerata le tswang ka Tempeleng! Ke modumo o tswang ho Morena, o putsa dira tsa hae ho ya ka mesebetsi ya tsona.


Bakalatiya le bona ba tla sebeletsa ditjhaba tse ngata le dikgosi tse matla, ke ba otle ho ya ka diketso tsa bona le mesebetsi ya matsoho a bona.’ ”


Kahoo Babilona e tla ba lelobelo, bohle ba e lobelang ba ikgapele ka ho rata,” ho rialo Morena.


Hlabelang Babilona mokgosi kahohle! E a inehela, tora tsa yona di a heleha, le marako a yona a a heletswa, hobane phetetso ena ke ya Morena. Le lona iphetetseng ho yona, le e etse seo e se entseng ba bang.


“Tjhorisang metsu, le nke dithebe tsa lona, Morena o phepheditse kgosi tsa Bamede di halefile, sepheo sa hae ke ho timetsa Babilona. Bona ke bona boiphetetso, boiphetetso ba Morena, ke ho phetetsa le Tempele ya hae.


Ka wena ke tla qhemetsa modisa le mohlape wa hae, ka wena ke qhemetse molemi le dipholo tsa hae, ka wena ke qhemetse babusi le babusisi.”


Baahi ba Sione ba bue, ba re: ‘Botubo boo re tubilweng ka bona, ho hlokofatswa ha mmele ya rona, tsena di ke di wele Babilona hodimo!’ Baahi ba Jerusalema bona ba re: ‘Bakalatiya ba ke ba otlwe, ba otlelwe madi ao ba a tsholotseng.’ ”


“Ka baka la Baiseraele bao e ba bolaileng, Babilona le yona e tla hlolwa, jwaloka babolauwa ba lefatshe lohle, ba bolailweng ka baka la Babilona,” ho rialo Morena.


Batupi ba etseditse Babilona lelobelo, bahlabani ba yona ba ba thopile, diqha tsa bona tsohle di robehile, hobane Morena ke Modimo ya phetetsang, o tla ba lefeletsa ka ho tlala.


Ba otlele diketso tsa bona, Morena, ho ya ka mesebetsi ya matsoho a bona.


Wena lehodimo, le lona bahalaledi, le baapostola, le baporofeta, thabang ke hona, hobane Modimo o le ahloletse ka ho ahlola motse oo!’ ”


Babilona ho fumanwe madi a baporofeta, le a bahalaledi, le a bohle ba ileng ba bolawa lefatsheng.”


Ba howeletsa ka mantswe a phahameng, ba re: “Monghadi ya halalelang, wa nnete, ho sa setse nako e kae pele o re ahlolela, mme o lefeletsa madi a rona ho baahi ba lefatshe?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ