Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:40 - BIBELE

40 Jwalokaha Sodoma le Gomora Modimo a na di timetse, a timetsa le metse e neng e ahelane le tsona,” ho rialo Morena, “ha ho na motho ya sa tla phela Babilona, ha ho na motho ya tla aha Babilona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Jwalokaha ho kile ha eba mohla Modimo o ripitlang Sodoma le Gomorra, le mathoko a teng, ho bolela Jehova, ka mokgwa o jwalo, ha ho ka ke ha aha motho teng, leha e le ngwana motho ho ikahela teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:40
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoja Morena wa mabotho a se ka re siela mahlatsipa, re ka be re ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora!


Jwalokaha Sodoma le Gomora di ile tsa timetswa, tsa timetswa le metse e di potapotileng,” ho rialo Morena, “kahoo ha ho ya tla phela ho yona, ha ho motho ya tla aha motseng oo.


Lejwe la mantlha le ke ke la nkuwa ho wena, kapa lona lejwa la ho etsa motheo, hobane o tla fetoha nanaola kamehla yohle,” ho rialo Morena.


“Ka timetsa le metse ya lona, ka e timetsa sa mohla Sodoma le Gomora; la phonyoha sa fatsa le tshotswe mollong, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


Ka baka leo, ke a hlapanya,” ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele. “Moabe e tla ba jwaloka Sodoma, Amone yona e be jwaloka Gomora, naha e tletseng bobatsi le matjheko a letswai, naha e fetohileng nanaola ya mehla yohle. Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela, ba phonyohileng ba tjhaba sa ka ba e hape.


Ho jwalokaha Esaya a boletse pele, a re: “Hoja Morena wa mabotho a sa ka a re siela mahlatsipa, re ka be re le ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora.”


Mobu o tla fetoha sebabole le letswai, naha yohle e be letswatlare le tjheleng, le sa jalwang, le sa beheng, le se nang jwang, jwalokaha ho ne ho timetswa Sodoma le Gomora, le Adema le Seboime, tseo Morena a neng a di timetse ha a halefile, a le bohalehale.


Hapehape Modimo o ile a ahlola metse ya Sodoma le Gomora ka ho e tjhesa lore! Hona ya eba mohlala wa se tla hlahela ba kgopo.


Ho bile jwalo le ho baahi ba Sodoma le Gomora, le ba metse e ka mathoko. Le bona ba ile ba ineela bohlola, mme ba lakatsa dibopuwa disele. Metse ena e ileng ya welwa ke kotlo ya mollo o sa feleng, ke mohlala o ka bonwang ke bohle.


Ditopo tsa tsona di tla rapalla lebaleng la motse o moholo, oo Morena wa tsona a ileng a thakgisetswa ho wona, oo ka papiso o bitswang Sodoma kapa Egepeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ