Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:38 - BIBELE

38 Sabole e supile mehlodi ya dinokana, metsi a tsona a tla psha kaofela, kahobane naha ena ke naha ya medingwana, medingwana e hlantshang batho ke ho e tshaba!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Komello e metsing a hae, hore a tle a pshe, hobane ke lefatshe la ditshwantsho tse betlilweng, mme ba hlanyetsa medimo ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:38
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo a hopola Nowe, le diphoofolo tsohle tse hlaha, le makgomo wohle a neng a ena le yena ka arekeng. Jwale Modimo a fokisa moya hodima lefatshe, mme metsi a bohlela.


Ke nna ya nyopisang dipontsho tsa baporofeta ba bohata, ya fetolang dinohe e be dithoto, ya nyopisang tsebo ya bahlalefi, a e fetole lefeelafeelane.


Ke nna ya reng ho madiba: ‘Pshang! Dinoka tsa lona ke tla di pshesa!’


mma lona o tla hlabiswa dihlong haholo, yena ya le belehileng o tla tlontloloha; e tla ba tjhabana se nyedisehang hara ditjhaba, a fetohe lefeella, letswatlare le lehwatata.


“Bolelang le phatlalatse hara ditjhaba, phahamisang mokgele, le phatlalatse, le se pate letho, le bolele, le re: ‘Babilona e tla hapuwa, Bele wa modingwana a hlabiswe dihlong, Maraduke wa modingwana a tlale tshabo. Medimo ya bohata e tla hlabiswa dihlong, medingwana ya Babilona e tlale tshabo.’


Ke tla otla Bele, modingwana wa Babilona, tseo a di metsitseng ke mo hlatsise tsona. Tjhaba ha di sa tla hlola di mathela ho yena, marako a Babilona a tla heleha.


Ka baka leo, nako e tla fihla, nako ya hore ke otle medingwana ya Babilona; naha yohle ya Babilona e tla ripitlwa, babolauwa ba yona ba rapalle kahohle ho yona.


“Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla otla medingwana ya bona, hara naha yohle mahlatsipa a tla dumaela.


Babilona e ne le mokgako wa kgauta tsohong la Morena, mokgako o ila tahisa lefatshe lohle. Ditjhaba di ile tsa nwa veine, veine ya Babilona, jwale tjhaba tseo di fetohile mahlanya!


Ba nwa veine, ba rorisa medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe.


Paulosi ha a ntse a emetse Silase le Timothea, Athene, a fela pelo ha a bona hore motseng ho tletse ditshwantsho tsa medimo ya bohata.


Lengeloi la botshelela la qhalla lefiswana la lona hodima noka e kgolo ya Euferatese. Metsi a yona a epsha, hore dikgosi tse tswang botjhabela di lokisetswe tsela.


Phatleng ya hae ho ne ho ngotswe lebitso le fupereng sephiri: “Babilona e kgolo, mma diotswa tsohle le manyala wohle a lefatshe.”


Banna ba motse ba re ho Jowashe: “Ntsha mora wa hao a tlo bolawa, hobane o heleditse aletare ya Baale, hape o sentse le ditshwantsho tsa Ashera.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ